Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 3

From Wikisource
Jump to navigation Jump to search
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 3: Mmuso wa Kopanelo

40. Mmuso wa Rephaboliki
1. Rephaboliking, mmuso o bopilwe ka mmuso wa naha, mmuso wa diprovense le mmuso wa selehae e leng mmuso e sa tshwaneng e sebedisanang ebile e nyalellana.
2. Makala ohle a mmuso a lokela ho hlokomela le ho ikamahanya le metheo e Kgaolong ena mme e sebetse ho ya ka meedi e sehilweng Kgaolong ena.

41. Metheo ya mmuso wa kopanelo le dikamano tsa mmuso
1. Dikarolo tsohle tsa mmuso le makala ohle a puso tlhopisong ka nngwe ya dikarolo, dilokela ho—
a. boloka kgotso, kopano ya setjhaba le ho se arohane ha Rephaboliki;
b. boloka boiketlo ba batho ba Rephaboloki;
c. nehelana ka bokgoni, ponaletso, boikarabelo le mmuso o kopaneng bakeng la Rephaboliki kaofela;
d. tshepahala Molaotheong, Rephaboliking le setjhabeng sa yona;
e. hlompha boemo ba Molaotheo, metheo, matla le mesebetsi ya mmuso dikarolong tse ding;
f. se nke matla kapa mosebetsi ofe kapa ofe ntle le oo ba o nehetsweng ho latela Molaotheo;
g. sebedisa matla le ho phetha mesebetsi ya teng ka tsela ya ho itshunyatshunya dibakeng, mesebetsing kapa boleng ba mmuso makaleng a mang; le
h. tshebedisano e ntle le ho tshepana ka ho—
i. kgothalletsa dikamano tse lokileng;
ii. thusana le ho tshehetsana;
iii. tsebisana le ho rerisana tabeng tse re amang ka ho tshwana;
iv. sebedisana le ho etsa melao mmoho;
v. ikamahanya le ditsamaiso tseo ho dumellwang ka tsona; le
vi. qoba diqosano tsa molao.
2. Molao wa Palamente o tlameha ho—
a. theha makala le mekgatlo ho kgothaletsa le ho bebofatsa dikamano tsa nyalano ya mmuso.
b. lokisetsa mekgwa ya ho sebetsa le ditsela tsa ho bebofatsa ho fedisa diqhwebeshano pakeng tsa mmuso.
3. Lekala la mmuso le amehang qhwebeshanong e pakeng tsa mebuso le leke ka matla ho fedisa qhwebeshano ka mekgwa le ditsamaiso tse behetsweng sepheo sena mme le fuputse metjha yohle ya ditharollo pele le ka ya lekgotleng ho rarolla qaka ena.
4. E bang lekgotla le sa kgotsofalla hore ditlhoko tsa karolwana (3) ha di a phethiswa, le ka nna la kgutlisetsa qhwebeshano eo makaleng a amehang a mmuso.